Puo, Dingolwa le Puisano
Puo e Ekeditsweng
Mosebetsi o Tshwanang wa Hlahlobo (MTH)
MOHLOPHISI WA LENANE
HO THEA SETSWALLE SE SETLE
DINGOLWA TSA MOSEBETSI TSA TITJHERE
LEQEPHE LA DIKAHARE
Selelekela Leqephe la 3
Ketapele Leqephe la 3
Kgetho ya Ditlamorao tse ikgethileng Leqephe la 3
Tsepamiso Leqephe la 3
Mefuta ya Mesebetsi Leqephe la 4
Dikahare Leqephe la 4
Tikoloho Leqephe la 4
Kakaretso ya Mesebetsi, nako le ho fana ka matshwao Leqephe la 5
Thuto ya 1 : Tshebedisong Leqephe la 6
Thuto ya 2 : Ho arabela sengolwa Leqephe la 11
Thuto ya 3 : Pehelo ya molomo Leqephe la 22
Thuto ya 4 : Mokgwa wa tshebetso ha ho ngolwa/ Boiqapelo ha ho ngolwa Leqephe la 28
Memorandamo wa dipotso THUTONG YA 2 Leqephe la 37
sehlopha se arabela sengolwa
SELELEKELA
KETAPELE
MTH ena ya Puo e Ekeditsweng e fana ka mesebetsi e mengata eo baithuti ba fuwang monyetla wa ho bontsha hore ba tseba puo ho le hokae.
Ho dumelletswe bonyane dihora tse leshome le metso mehlano hore ho qetwe MTH ena, le ha ho ka sebetswa ho ya ka motho ka mong le ka moo ho hlkehang ka teng.
MTH e arotswe ho ya ka dikarolo tse pedi. Karolo ya A ke karolo ya ho lokisetsa ya dihora tse ka bang leshome le metso e meraro, mme e fana ka matshwao a 60. Karolo ya B, ya dihora tse pedi, e tla etsahala moo ho laolwang teng mabaka a itseng mabapi le matshwao a 40. Ditlhatlhobo tsohle di tlameha ho ngolwa e le matshwao.
KGETHO YA DITLAMORAO TSE IKGETHILENG (Ditlamorao tse ikgethileng)
HO SHEBILWE FEELA
HO TSHEHETSWA Ditlamorao tse ikgethileng (Ditlamorao tse ikgethileng)
TSEPAMISO: Ho thea setswalle se setle
Setswalle se setle sa batho se etsa setjhaba se phedisanang hantle. Batho ba etseng ho theha le ho boloka setswalle se setle?
Dihloohwana
Ho tswalana ke eng?
Setswalle se setle le setswalle se sebe; na ke na le setswalle se setle le batho kapa le diphoofolo? Na ke na le setswalle se sebe kaekae?
Nka boloka ntshetsa pele le ho boloka setswalle se setle jwang?
Ho batlisisa le ho rarolla qaka setswalleng
MEFUTA YA DITHUTO
Dithuto tse bontshitsweng ka ho ntshofatswa ke tsa tlhatlhobo
Tshebedisong
Puisano ya sehlopha
Puisano ya ba babedi
Tshwantshiso
Ho arabela sengolwa
Puisano ya sehlopha
Tataiso ya titjhere
Ho arabela ha motho a le mong
Pehelo ya molomo
Tataiso ya titjhere
Puisano ya sehlopha e tshetlehilweng hodima sengolwa sa ditshwantsho
Tokisetso ya mosebetsi ya sehlopha
Pehelo ya molomo ya motho a le mong
Mokgwa wa tshebetso ha ho ngolwa/ Boiqapelo ha ho ngolwa
Mokgwa wa tshebetso ha ho ngolwa ha motho a le mong
Puisano ya batho ba babedi ka ho ngola
Puisano ya sehlopha/ phuputso e nyenyane
Boiqapelo haho ngolwa ha motho a le mong
Lengolo la setswalle
DIKAHARE
Ho tla fanwa ka tataiso qalong ka ditemana tse filweng baithuti ha mmoho le dipotso tse tsamaelanang le tDitlamorao tse ikgethilengna le mesebetsi e tsamaelanang le ditemana.
Baithuti ba tla etsa phuputso ba sebedisa dibuka, dimakasine, dikoranta le ditemana tse ding kapa ka boitsebiso bathong bao ba teanang le bona.
TIKOLOHO
Baithuti ba qala ka ho batlisisa dikamano mothong ka mong. Jwale hona ho tla kenyeletsa le dikamano ka bophara.
KAKARETSO YA MESEBETSI, NAKO LE HO FANA KA MATSHWAO
NAKO E NYENYANE
MATSHWAO
Karolo ya A Karolo ya B
THUTO YA 1: TSHEBEDISONG
Puisano ya sehlopha
Hora e le 1
Puisano ya batho ba babedi
Metsotso e 30
Puisano ya sehlopha
Metsotso e 30
Tshwantshiso ya sehlopha hora e le 1 metsotso e 30
THUTO YA 2: HO ARABELA SENGOLWA
Sehlopha se arabela sengolwa hora e le 1
Tokisetso ya tataiso ya titjhere
Metsotso e 30
Ho arabela sengolwa ha motho a le mong hora e le 1
THUTO YA 3: PEHELO YA MOLOMO
Tataiso ya titjhere
Metsotso e 30
Puisano ya sehlopha hodima sengolwa sa ditshwantsho hora e le1 metsotso e 30
Tokisetso ya mosebetsi wa sehlopha hora e le 1
Pehelo ya molomo ya motho ka mong
Motsotso o le 1-2(nako ya sehlopha ke dihora tse 2 )
THUTO YA 4: Mokgwa wa tshebetso ha ho ngolwa/ Boiqapelo ha ho ngolwa
Dipuisano tsa sehlopha hora e le 1
Mokgwa wa tshebetso ha ho ngolwa ha motho ka mong hora e le 1
Puisano ya sehlopha/phuputso tse ikgethileng tse nyenyane hora e le 1
Boiqapelo ha ho ngolwa ha motho ka mong hora e le 1
Dihora tse 15
THUTO YA 1: TSHEBEDISO
Tshebediso tse ikgethilengng ke mokgwa oo baithuti ba tsebiswang sehlooho se tla sebediswa. Mesebetsi e hlahellang thutong ya selelekela e fana ka motheo wa dithuto tse tla latela; ka lebaka leo ke taba ya bohlokwa hore tsena di etswe ka botlalo.
KABO YA NAKO: Dihora tse 3 metsotso e 30
KABO YA MATSHWAO: Matshwao a 10
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG
Ditlamorao tse ka sehloohong tse tla hlahlojwa:
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7 AC 2, 3
Mefuta ya dithuto Puisano ya sehlopha
Puisano ya batho ba babedi
Tshwantshiso ya sehlopha
Diforomo tsa tlhatlhobo di tlameha ho sebediswa Puo e buuwang
Tshwantshiso
Thuto ena ya pele e thusa ka ho beha sehlooho HO THEHA SETSWALLE SE SETLE SEBAKENG se itseng.
Hona ho etswa ka mehato e latelang:
Qala ka puisano ya sehlopha e tla tataisa baithuti ho utlwisisa se bolelwang ka kamano.
Ka mora mona ho tla latela puisano ya batithuti ba babedi ka dikamano tsa bona tse ntle le tse mpe ka puo e ekeditsweng kapa puo ya lapeng.
Jwale e tla ba nako ya ho etsa pehelo ya ditaba ka puo e ekeditsweng.
Baithuti ba tla ngola dipolelo ka kamano e nngwe le e nngwe ba sebedisa tlotlontswe e ntjha eo ba e filweng.
Lengolo le tswang ho Keneuwe le ballwa sehlopha, mme baithuti ba kotjwa ho batla tharollo mathateng a Keneuwe.
Qetellong, dihlopheng tse ka bang nne, baithuti ba itokisetsa tshwantshiso ya bona , mme ba tla e etsa e le e tla hlahlojwa.
MOKGWA WA THUPELO
Puisano ya sehlopha e tataiswa ke titjhere (hora e le1) (Mosebetsi 1: Leqephe la 4 Bukeng ya Mosebetsi ya Moithuti)
Qala ka puisano ya sehlopha e hlalosang kutlwisiso ya baithuti ya lereo lena ?kamano?.
Baithuti ba tlamehile ho utlwisisa phapang mahareng a ho tlwaela motho le motho eo ba tswalanang le yena . ba tlameha ho utlwisisa hore leetsi ho tswalana le ho bolela ho theha setswalle le / ho amana le.
Jwale mona o ka hlahisa tlotlontswe e ntjha eo baithuti ba e hlokang hore ba tle ba utlwisise hore tswalano ke eng.
Lenane le latelang la tlotlontswe e ntjha le ka sebediswa e le tataiso, empa mantswe e mang hape a ka eketswa.
bao o ba tlwaetseng batho bao o kopanang le bona ka mehla, empa e se bao ba ratang dintho tseo o di ratang tswalana le ho ba le dikamano le motho e mong kgohlano ho fapana ka maikutlo dithaka batho / metswalle/ bao o leng sehlopheng se le seng le bona bana ba motho dikgaitsedi kapa dikgaetsedie tsa hao ba lelapa ho keneyeletswa bao o tswalanang le bona: mme, ntate, jj.
mmangwane mme ya nyetsweng ke ntate ya ntswetseng ntate wa bobedi ntate ya nyetseng mme ya ntswentseng ba leloko bomotswala le ba bang bao ke tswalanang le bona maikutlo ho ba le ho ameha haholo jwalo ka: lerato, ho tshaba, thabo, ho utlwa bohloko, ho hloya ho kgahlwa ho amohela ka ho babatsa/ ho hlompha/ ho kgotsofala ho etsisa ho etsa ka moo ba bang ba etsang ka teng/ ho tshwantshisa/ ho etsa jwalo ka ba bang.
ho ba mona ho ikutlwa o sa kgotsofala kapa o le mohono o batla ho ba motho e mong kapa ho rata ho ba le seo motho e mong a nang le sona.
ho hlompha ho bona motho a le maemong a hodimo ho boulela ho honohela kapa ho batla ho ba le seo motho e mong a nang le sona ho se rate maikutlo a ho se batle ntho e nngwe kapa motho ho hloya ho nyonya motho e mong/ ho kgesa motho ho labalabela
Ho ba le maikemisetso/ ho atleha/ho ntlafatsa MOHATO WA hao bophelong
Bolakeborotong o ka etsa setshwantsho sa sekgo sa mefuta ka ho fapana ha tswalano eo baithuti ba ka bang le yona. Sheba mohlala o ka tlase mona:
ELA HLOKO Dumella baithuti hore ba eketse ho feta mona.
Puisano ya baithuti ba babedi le karabo e ngotsweng (metsotso e 30) (Mosebetsi wa 2: Leqephe la 6 Bukeng ya Mosebetsi ya Moithuti)
Kopa baithuti hore ba buisane ka dipotso tse pedi tse latelang ka bobedi:
Ke mang eo o tswalanang le yena ebile le utlwana hantle?
Ke mang eo sa tswalaneng le yena ebile le sa utlwane hantle?
MOKGWA ONA O KA ETSWA MOHLOMONG PUONG E EKEDITSWENG KAPA YA PUONG YA LELAPA.
Baithuti ba ngola dipolelo tse pedi bonyane ka tse ngotsweng ka hodimo puong e ekeditsweng.
Fana ka tataiso ka : Ke tswalana le ?.. haholo hobane ?...
Ha ke rate ?.. hobane ?.
Le ha kwana hona e sa tlo ba taba e hlahlojwang, o tlameha ho hlokomela hore baithuti bohle ba ngola dipolelo tsena.
Tshwara ho se hokae boithaopo ba hore ho etswe pehelo ya ditaba.
Puisano ya sehlopha (metsotso e 30) (Mosebetsi wa 3: Leqephe la 7 Dibukeng tsa baithuti tsa Mosebetsi)
Balla sehlopha lengolo le latelang.
Seipati 1
Dumela, lebitso la ka ke Keneuwe. Ke na le dilemo tse 15 e se e le selemo jwale re ratana le moratuwa wa ka wa moshanyana. Bothata ba ka ke hore eitse hang feela ha ke qala ho bolella mme ka yena, o ile a kwata a ba a batla a nteleka hore ke yo dula le rakgadi. Ke ile ka bua leshano ka re ke tla kgaohana le yena , empa re ile ra tshwarwa. 5 O ile a ba a dumellwa ho mpona hang feela ka beke ebe mme o tla mmuela dintho tse mpe. Qetellong yaba o mmolella hore a se hlole a mpona hohang feela. 8
Lapeng, ha ke na moo e leng ha ka feela le ho ba mong ebile ha ke tsebe ho etsa letho ke sa diswa kapa ho se ya ntseng a sheba hore ke etsang. Ke ikutlwa eka ke sitisa ba lapa leso,empa nkeke ka ba ka kgaohana le moratuwa wa ka. Ka nnete ke a mo rata. Ke nahana hore ha batswadi ba ne ba sa rate ha ke kopana le yena nka be ke sa mo rate ha kana. Mme o entse hore re ratane haholo ka ha a ne a batla hore re etse seo yena a se batlang. 14
Ke tennwe ke sephiri sena. Ke etseng? Hobaneng ha batswadi ba nahana hore ke fositse ha ke na le moratuwa? 16
Ako nthuse hle.
Tlotlontswe kwata (mola wa 4)
puwana a kgenne haholo qetellong (mola wa 7)
Pheletsong ho ba mong (mola wa 9)
e tswa ho nngwe, ho se tshwenngwe ho diswa (mola wa 10)
ho hlokomelwa hohle moo o tsamayang teng sephiri (mola wa 15)
ho ipata, nako eo ho sa ntshweng makunutu ka yona
Tataisa puisano ya sehlopha ka ho sebedisa dipotso tse thusang tse latelang
Ke mabaka afe ao ho ka fanwang ka ona a entseng hore mme a etse jwalo ?
O nahanang ka moo Keneuwe a entseng ka teng?
O nahana hore moratuwa wa hae a ka be a itseng/ a reng?
Ho ka rarollwa jwang mathata ana?
ELA HLOKO: Tataisa baithuti ka moo ba ka thehang kutlwano ka teng le ho hlomphana e le hore mme le Keneuwe ba dule ba thabile le ha ba ka dumellana feela le ha mehopolo e sa tshwane. Thuto ena e thuse baithuti hore ba utlwisise hore na kamano e ntle ke efe. Ba tsebe ho utlwisisana, ho utlwisisa mohopolo wa motho e mong , mme ba o ananenele.
Tshwantshiso ya sehlopha hora e le1 metsotso e 30 Mosebetsi wa 4: Leqephe la 8 Dibukeng tsa baithuti
Baithuti ba sebetse ka dihlopha tsa bone ka bone ho lokisetsa tshwantshiso eo ba bontshang mathata a kamano le batho le tharollo. Baithuti ba lokela ho
Kgetha MOHATO moo ho nang le batho ba bararo ba tswalanang ho ona
Mona (hlalosa tatelano ya diketsahalo) baphetwa ba tlameha hore ebe ha ba utlwane ka ho hong
Leka mekgwa eo ho ka rarollwang mathata
Tshwantshisa mathata le tharollo
Kgetha sehlalosi (setho sa bone sa sehlopha) ho fana ka tlhaloso, ho bolela tse etsahalang
Hlokomela hore setho ka seng sa sehlopha se na le bonyane menyetla e mmedi ya ho bua
Sebedisa e mantswe a tlotlontsweng e ntjha a lenaneng.
Tlhatlhobo ya moithuti ka mong ya kentseng letsoho puisanong ya sehlopha ya boitokisetso le tshwantshisong ya sehlopha ka bobedi ba tsona (matshwao a 10 )
Tlhatlhobo ena e tla shebana le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7
Baithuti ba sebedisa meralo ya ho sebetsa ya puisano e nepahetseng mabapi le maikemisetso le MOHATO WA itseng
Rejisetara ya AC2 , maikutlo le boitshwaro bo tla behwa ka mokgwa wa babedi le maemo.
Sepheo sa AC3 sa ho amana se hlalositswe ebile se fihletswe.
Hlokomela bokgoni ba baithuti ho ka bontsha mekgwa ya hore ba a kgona le mefuta e fapaneng ya dipolelo:
bontsha ho utlwisisa rejisetara ho ya ka dikamano sebedisana le batho ba babang ba sebedisang puo bontsha hore o na le menahano e motle mabapi le tshwantshiso ya bona kgetha tlotlontswe e nepahetseng.
DINTLHA TSA HO HLAHLOBA
Ha ho hlahlojwa puisano ya tokisetso le tshwantshiso hopola tse latelang ka baithuti
Rejisetara, maikutlo le boitshwaro
Tshebediso ya puo le tlotlontswe
Tshebedisano le baithuti ba babang sehlopheng
Ho phehisa ho fihlelleng sepheo sa tshwantshiso matshwao a 10
THUTO YA 2: HO ARABELA SENGOLWA
KABO YA NAKO: Dihora tse 2 metsotso e 30
KABO YA MATSHWAO: matshwao a 20
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG
Ditlamorao tse ka Sehloohong di tla hlahlojwa
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG1 AC 2, 3
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG3 AC 3
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG5 AC 1
Mefuta ya dithuto Ho arabela temana
Tataiso ya titjhere
Ho arabela temana o le mong
Diforomo tsa tlhatlhobo tse ka sebediswang Ho arabela temana
Pale e kgutshwane ya ?Ya phedisang lelapa? (e qotsitswe)
Baithuti ba ballwa khathunu, ebe ho latela puisano ya sehlopha le ho beha ditaba. Qetellong baithuti, ba laolwa ho ya ka maemo, ba arabela ka bomong temana e ngotsweng.
Ho arabela ha sehlopha temaneng (khathunu) (hora e le1) (Mosebetsi o le 1: Leqephe la 9 Dibuka tsa baithuti tsa Mosebetsi)
MOKGWA WA THUPELO
Arola baithuti dihlopha tse nne ho tse tsheletseng ho ya ka boholo ba baithuti. Balla baithuti khathunu ka sehalo le lentswe le fetolwang ha ho balwa ho ya ka baphetwa ba fapaneng.
E re baithuti ba shebe Mosebetsi wa 1 leqepheng la 10 la Dibuka tsa mosebetsi tsa Baithuti. Baithuti bohle ba qetella dipotso, e mong le e mong o ngola seo sehlopha ka seng se tla se beha dibukeng tsa mosebetsi. Fana ka nako e lekaneng dihlopheng hore di qete mosebetsi. Ho arabela ho ka fapana; ha moithuti a nahana ka ho fapana le sehlopha, moithuti a kgothaletswe ho ngola le ho tshehetsa karabelo ya hae. Dihlopha di tla tlameha ho kgetha sehlalosi se tla behela ditaba.
Behela ditaba: dumella dihlopha ka ho fapana hore di arabele dipotso tse fapaneng. Pehelo ya ditaba e kenyeletse dihlopha kaofela.
Aba memorandamo o thusang ka ho tshwaya o ngotsweng qetellong ya Buka ya kgakollo ya Titjhere e ngolletsweng sehlopha ka seng hore se itlhatlhobe dikarabelo tsa sona.
Memorandamo o itshetlehile hodima dintlha tse latelang
Molaetsa wa bohlokwa o hlwauwe wa ba wa hlaloswa
Moelelo o tliswa ke ho bala ebe ho a inahanelwa
Ho fanwa ka mehopolo ka temana ebe e a amohelwa
Ho sebediswa sebopeho sa puo le ditlwaelo temaneng (mahlalosanngwe, puo ya mophethi le mophethedi le matshwao a puo)
DIPOTSO TSA KARABELO YA SEHLOPHA TEMANENG (KHATHUNU):
Hlalosa dipolelo tse latelang ho ya ka tikoloho ya khathunu:
o hlokomela (foreime ya 8)
Araba dipotso tse latelang tse tswang khathunung
Sheba diforeime tse nne tsa pele tsa khathunu, mme o hlokomele mantswe a sebdisitsweng le boitshwaro ba batho. Dintlha tsena di o bolella eng mabapi le kamano ya Dennis le mmae?
Ntata Dennis o hlatswa dijana ka kitjhining. O nahanang ka monna wa lelapa ya sebetsang jwalo?
Ke sefe se bontshang foreimeng ya 6 hore mme ha a tsotelle ha kaalo tshoso e etswang foreimeng ya 5?
Hlalosa mefuta e fapaneng ya matshwao a puo a sebedisitsweng puisanong ya khathunu.
Foreimeng ya 5 ho sebedisitswe letshwao la makalo. Kgetha lenaneng le ka tlase
Ho laela kapa ho hlokomedisa
Ho hlollwa kapa ho makala
Thahasello
Sepheo sa mongolo o moholo foreimeng ya 5 ke sefe?
o Hobaneng ha lentswe lena ?else? le ngotswe ka ditlhaku tse kgolo haholo, mme ho ba le sepheo sefe ka lebaka leo?
Ngola polelo ya pele foreimeng ya 1 puong ya mo phetwa, jwalo ka ha eka o phethela motho e mong ditaba.
Ho tea mohlala: ?Na nka o ruta ho se hokae ka matshwao a puo?? mme a botsa.
e tla ba Mme o botsitse Dennis hore na a ka mo ruta matshwao a puo ho se hokae.
Ho arabela temana e ngotsweng ya motho a le mong ka ho laolwa ha maemo (metsotso e 30 ya ho bala le ho boitokisetso le hora e le nngwe ya ho araba dipotso)
MOKGWA WA THUPELO
Ka phaposing qalong ya thuto balla baithuti pale.
Hlokomela hore baithuti ba utlwisisa se etsahalang paleng ka ntle ho ho bua ka dipotso tse mabapi le tlhatlhobo.
Efa baithuti Mosebetsi wa 2 ho qetella jwalo ka ha ho laetswe.
Hlahlobo moithuti ka mong mabapi le ho arabela temana (matshwao a 20)
YA PHEDISANG LELAPA
Pale ena e ngolletswe bukana ena e tswa paleng ya
Batswadi ba moshanyana ya dilemo di leshome le metso e mene ba ne ba mo emetse hore a tle hae ka moputso wa hae wa pele wa beke. 2
Mamae o ne a se a lokisitse tafole, mme a ntse a sehella bohobe le botoro a lokisetsa dijo tsa bosiu. E ne e le mosadi e monyenyane ka seemo ka sefahleho se bonahalang ho sotleha, a apare bolousu bo bolou le sekhete se kwahetsweng ke foresekoto e tshweu e kentsweng setatjhe. O ne a bonahala a kgathetse ebile a hemela hodimo nako e nngwe le e nngwe. Ntate, a dutse a kgatholohile setulong sa kgale se nang le moo o behang matsoho teng, a namme maoto, le yena o ne a e na le sebopeho se senyenyane. O ne a e na le mahlo a tletseng metsi a bolou le ditedu tse ngata tse sootho. Batho bana ba ne ba futsanehile haholo, hobane phaposi, le ha e ne e hlwekile, e ne e se na le ha e le fenitjhara, mme marotho a maholo a sehelletsweng a botoro e ne e le ona feela hodima tafole. 11
Ha a lokisetsa dijo, mosadi enwa a nna a sheba monna ka la mo leka nako ena kaofela. A se ke a mo natsa le hanyenyane feela, a bula mahlo ho mo sheba, kapa a llisa meno a hae kgafetsa ka manala a hae, a iketsa eka o kgathetse haholo. 15
O tlohele tjhelete eo feela jwalo?, mosadi a bua, ho utlwahala hantle hore o phetha seo a kileng a se bua pejana ka makgetlo a mangata, ?Ke a tseba hore ho tla etsahalang ha o ka e fumana. O tla mpha yona. E tla lefella rente e be e reka dijonyana di sekae, eseng ho ya motjhining wa tjhelete thaveneng efe kapa efe.? 20
O kwale molomo oo wa hao,? monna a bua, a buela tlase.
Ha ke thole!? mosadi a buela hodimo, a kgenne haholo. ?Hobaneng ha ke tlameha ho thola? O bile morena ka nako e telele mona. Ke ile ka mamella ha o sa ntse o tlisa tjhelete mona lapeng, empa jwale nke ke ka hlola ke mamella. Ha o letho mona. Na o a utlwa? Ha o letho. Eta ho lla sa ka mona, o tla mpha tjhelete eo!? 26
Re tla bona ha a fihla,? monna a araba, a rotetsa mollo butlebutle.
Yaba ha ho sa buuwa letho ka nako e ka bang metsotso e mehlano.
Yaba moshanyana o a kena. O ne a bonahala a e so fete dilemo tse leshome kapa tse leshome le motso o le mong. O ne a bonahala a se motle borukgweng bo bolelele. Bosweu ba mahlo a hae bo rethebane hodima botsho ba sefahleho e ne eka o tshohile. 31
Ntate a ema ka maoto. ?Tjhelete e kae?? a bua a kgaruma.
Moshanyana a sheba enwa a sheba yane. O ne a tshaba ntatae. A nyeka dipounama tsa hae tse omeletseng.
E tlise, bo,? a bua ntatae. ? Tjhelete e kae??
O se ke wa mo fa yona,? mosadi a bua, ?O se ke wa mo fa yona Thabang. Mphe yona? 37
Ntate a atamela moshanyana butle, a tlenne mme meno a hlahelletse ditedung tsa hae tse entseng sehlahla. ?Tjhelete eo e kae?? e ne eka jwale o se a seba.
Moshanyana a mo kenya mahlo. ?E lahlehile,? a araba.
O entseng?? ntatae a tlerola.
E lahlehile.? Moshanyana a boela a phetha.
Monna a qalella ho kgaruma ebile a tsoka matsoho.
E lahlehile! E lahlehile! O reng? O ka e lahla??
E ne e le ka pokothong?, moshanyana a raba, ?ka hara emfolopo e nyenyane. E lahlehile?. 45
E lahlehile hokae??
ha ke tsebe. Mohlomong e lahlehile seterateng.?
Na o ile wa ya e batla moo e lahlehileng teng??
Moshanyana a dumela ka ho oma ka hlooho. ? Ha nka ka e fumana,? a araba.
Monna a korotla, a suma, a dumaella tlase ? modumo oo phoofolo e o etsang. ?Ke hore o e lahlile, he?? a kgaruma. A tjhetjhella morao mehato e se mekae, yaba o lokolla lebanta la hae ? lebanta le sephara, le letenya, le nang le tjhesepore e boima ya tshepe. ?Tloho kwano,? a laela. Moshanyana a loma pounama e ka tlase ho leka ho thibela meokgo, a atamela butle, monna a phahamisa letsoho la hae. Mosadi o ne a sa sisinyehe hohang feela ho fihlela ka nako eo, yaba o tlolela monna a phamola lebanta leo. Monna wa hae, a ba le matla ka lebaka la ho halefa ha hae, a mo sutuletsa thoko ha bobebe. Yaba o theolela lebanta mokokotlong wa moshanyana. A mo otla a sa mo qenehele le letho hohle mmeleng le matsohong. Mosahnyana a korobana yaba o ya fatshe, empa o ne a sa lle. 59
Ha a se a kgathetse, yaba o itlama ka lebanta, mme a hula moshanyana ka maoto. ?Jwale o yo robala,? a mo laela.
Ntjhanyana o lapile o batla ho ja,? mosadi a bua.
Ha a yo robala. Tsa mo itlhatswa.?
A sa re letho, moshanyana a ya itlhatswa matsoho le sefahleho. Ha a qetile a ya robala.
Monna a dula tafoleng, a ja bohobe bo tshasitsweng ka botoro a ba a nwa dikopi tse pedi tsa tee. Mosadi yena a se ke a ja hohang feela. A dula a mo shebile, a sa tlose mahlo a hae ho yena, a mo shebile ka lehloyo le matla. Jwalo ka pele, a se ke a mo natsa le ho mo natsa,a iphanpanya yena, a etsa eka ha a yo ho tu! Ha a qetile ho ja, a tswa. 70
Hang feela ha a qeta ho kgahlela lemati, mosadi a tlola, yaba o mathela ho moshanyana ka kamoreng.
O ne a lla ha bohloko, a ikwahetse sefahleho ka mosamo. O ile a dula mothating wa mealo yaba o mo kopela ka matsoho, a mo hulela ho yena sefubeng, a mo phollapholla moriri o matsetlela, a mo kgothatsa ka lerato, a ho kokobetsa maikutlo. Moshanyana a mo dumella ho etsa jwalo, a utlwa a kgatholohile ha a ho kopetse jwalo, a ikutlwa a tshedisehile hara meokgo ya hae e rothang.
Ka mora nakwana a ya a kgaotsa ho lla. A bula mahlo a ba a tsheha le mmae, mahlo a hae a hlakile. Yaba o kenya letsoho ka tlasa mosamo, mme a hula emfolopo e ditshila a nyenyane.
Tjhelete ya hao ke ena,? a seba.
A nka emfolopo, yaba o a e bula, a hula leqephe le le lelele la pampiri le ngotswe dipalopalo, diranta tse mashome a mahlano tsa pampiri le diranta tse hlano tsa tshepe.
TLOTLONTSWE
ya phedisang lelapa (sehlooho)
motho ya sebeletsang lelapa sotlehileng (mola wa 4)
A le mathateng a bofutsana ho sheba ka la moleka (mola wa 13)
A mo tadimme ka lehloyo ebile a sa mo hlomphe butlebutle (mola wa 27)
a se motle (mola wa 30)
A tshabeha eka o tshohile mola wa 31
A bonahala a maketse
O tlenne mme o senne le meno (mola wa 38)
Ho etsa korotla o senne meno, ho tletleba
Ho se na ho tsamaya
Phamola (mola wa 56)
Ho nka ka sefutho le ka matla
Halefa (mola wa 56)
O iqetile mola wa 60
O kgotsofetse; kgathetse; ha a kgone ho tswela pele mohlankana (mola wa 62)
moshanyana kapa motjha; moshanyana ya keneng bohlankaneng
Qetellong ya bethe (mola wa 74)
Moriri o ditsela (mola wa 75)
Moriri o matsetlela lerato (mola wa 76)
Pontsho ya lerato; mantswe a bontshang lerato
Ho tshedisa (mola wa 76)
Ho mokopa ka matsoho (mola wa 76)
Ho tshwara motho ka matsoho a bonojwana a bontshang lerato
Ho kgaotsa (mola wa 77)
Ho emisa kapa ho fihlela pheletso
DIPOTSO TSA HO ARABA O LE MONG SE NGOTSWENG
Na mme le ntate ba na le mabaka a tshwanang a ho batla hore mora a tle lapeng?
Fana ka lebaka la karabo ya hao dintlheng ka ho tshwana.
Ke dintho dife tse pedi tse etsahalang ha mme a eya ho mara wa hae ka hodimo ka mora hoba mora a shapuwe?
Bala qotso ena ebe o araba dipotso:
Moshanyana a mo sheba ka mahlong. ?E lahlehile,? a araba. (mola wa 40)
Hantle ntle ho etsahetseng ka tjhelete?
Hobaneng ha a fa mmae tjhelete a sa e fe ntatae?
Na o nepile ha a bolella ntatae leshano? Fana ka lebaka.
Ke mang ya phedisang lelapa? Hobaneng ha o rialo?
Ke ka lebaka lefe e leng phoso hore moshanyana a sebetse?
Maikutlo a mme ke afe ho monna wa hae? Qotsa mehlala e mmedi e tswang paleng e bontshang maikutlo a hae.
Maikutlo a hao ke afe ka hore batswadi ba shape bana ba bona?
Fana ka lebaka la maikutlo a hao.
MEMORANDAMO O THUSANG KA HO TSHWAYA:
Ha o hlahloba karabo ya baithuti temaneng o hopole hore:
ka ha ena ke puo e ekeditsweng ho kgothaletswa puisano haholo sebopeho sa karabo e ka bang le dikarabo tse ngata. Ba mamele ka moo moithuti a buang ka teng, mme ba amohele maikutlo a baithuti, ha feela tsena di tshehetswa ke mabaka a utlwahalang. Memorandamo o thusang ka ho tshwaya o utlwisiswe ka mokgwa ona.
Potso ya 1
Na mme le ntate ba na le mabaka a tshwanang a ho batla hore mora a tle lapeng?
Fana ka lebaka ha o arabela ntlha ka nngwe.
o Tjhe
Ntate o tla sebedisa tjhelete thaveneng moo a tla enwa teng.
Mme o ne a tla e sebedisetsa rente le dijo (matshwao a 2 lebaka ka leng )
Potso ya 2
Ke dintho dife tse pedi tse etsahalang ha mme a eya ka hodimo ntlong ho mora ha a qeta ho shapuwa?
Mme o kgothatsa mora wa hae (matshwao a 2) , mme mora o fa mmae tjhelete (matshwao a 2).
Potso ya 3
Bala qotso ena e latelang ebe o araba dipotso:
Moshanyana a mo kenya mahlo.. ?E lahlehile,?a bua?. (mola wa 40)
Hantlentle ho etsahetseng ka tjhelete ?
Hobaneng ha a fa mmae tjhelete a sa e fe ntatae?
Na ke ntho e ntle hore a thetse ntatae .
Maikutlo a hao ke afe mabapi ha moshanyana ha file mmae tjhelete a sa e fa ntatae?
O patile tjhelete yaba ka morao o efa mmae.
o O ne a dumellana le ka moo mmae a tla sebedisa tjhelete ka teng./ Mme le mora ba ne ba utlwana ho e na le ntate le mora. / O ne a sa dumelane le mokgwa oo ntatae a neng a tla sebedisa tjhelete eo ka ona.
Dintlha dife kapa dife tse pedi tse ka tshehetswang ka mabaka ho tswa temaneng o Maikutlo a baithuti, a tshehetswang ka mabaka a utlwahalang, ho tea mohlala:
Tjhe, ha ho a lokela ho bua leshano neng kapa neng feela .
KAPA
E, motho a ka nna a bua leshano ha o thusa.
Maikutlo a baithuti a tlameha ho tshehetswa ka mabaka, ho tea mohlala O nepile hobane o dumellana le mokgwa oo mmae a tlang ho sebedisa tjhelete eo ka teng.
KAPA
O fositse ka ho fa mmae tjhelete hobane ntate ke hlooho ya lelapa?.
Potso ya 4
Ke mang ya phedisang lelapa mona lapeng lena? Hobaneng ha o nahana jwalo?
Moshanyana ke yena ya phedisang lelapa (letshwao le 1), hobane o a lefuwa hore a phedise lelapa (matshwao a 2).
Potso ya 5
Hobaneng ha ho sa loka hore ebe moshanyana o a sebetsa?
Dilemo tsa hae ha di mo dumelle hore e be o a sebetsa ka ha a le dilemo tse leshome feela kapa tse leshome le motso o le mong.
ho se hlomphe/ ho se kgathalle/ ho se mamelle/ ho teneha/ lehloyo (maikutlo afe kapa afe feela)
a sheba monna ka la moleka? (mola wa 12-13)
Ha ke thole!? (mola wa 22)
Ha o letho mona.? (mola wa 25)
Eta ho lla sa ka mona o tla mpha tjhelete eo.? (mola wa 25-26)
O se ke wa mo fa yona.? (mola wa 36)
matshwao a 2 qotsong e nngwe le e nngwe ? e nngwe le e nngwe ya tse ka hodimo kapa qotso e nepahetseng e tswang temaneng
Potso ya 7
Maikutlo a hao ke afe mabapi le batswadi ba otlang bana?
Fana ka lebaka mabapi maikutlo a hao.
Batswadi ha ba a tshwanela ho otla bana ba bona hobane molao ha o dumele/ ho otla ha ho thuse ka letho ho rarolla mathata/ bana ba tla nahana hore tharollo ya qaka ke ka ntwa feela.
Ho be ho boele ho amohelwe maikutlo a baithuti/mehopolo matshwao a 35
DIPOTSO TSA PUO:
Batla lentswe moleng wa 13 le nang le moelelo le ?a mo sheba ka lehloyo? moleng wa 68
Ngola dipolelo tse latelang e le puo ya mophethedi:
Matshwao a puo a makalo le matshwao a potso moleng wa 44 a bolelang kapa a talolang ka maikutlo a ntate?
O e lahlile! O e lahlile! O bua ka eng? Ho tla jwang hore o e lahle??
Ka nako e nngwe puo e sebedisetswa ho kgutsufatsa, ho tea mohlala?ntatae? Ngola lentswe lena le lelefetse.
matshwao a 5
MEMORANDAMO O THUSANG KA HO TSHWAYA
Batla lentswe moleng wa 12 le nang le moelelo o le mong le wa ? a mo sheba ka la moleka? molenag wa 68.
ntatae (lentswe lena le ngolwe hantle)
Ngola polelo ena ka puo ya mophetedi.
Tjhelete e kae??
O ne a hatella ho tseba hore tjhelete e hokae. (letshwao le le leng mabapi le sebopeho le letshwao le le leng ha ho sebedisitswe lekgathe le fetileng)
Matshwao a makalo le matshwao a potso moleng wa 44 a bolelang kapa a talola maikutlo a ntate jwang??
, maikutlo a ho kgena/ ho halefa/ ho befelwa
Ka nako e nngwe puo e ye e bontshe kgutsufatso, ho tea mohlala: ntatae. Ngola lentswe lena le lelefaditswe
?ntatae,?
matshwao a 5
THUTO YA 3: PEHELO YA MOLOMO
KABO YA NAKO: Dihora tse 5
KABO YA MATSHWAO: matshwao a 30 (matshwao a 10 a puisano ya sehlopha + matshwao a 20 a pehelo ya molomo ya moithuti)
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG
Ditlamorao tsa Bohlokwa di tla hlahlojwa:
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1 AC 1, 4, 8
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 2 AC 6
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 4 AC 1
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7 AC 2
Ditlamorao tse Tsheheditsweng (tsena ha se tsa hlahlobo)
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 5 AC 1, 2 & 3
Mefuta ya dithuto Tataiso ya titjhere ya puisano ya sehlopha
Puisano ya sehlopha
Pehelo ya ditaba
Mefuta e fapaneng ya sehlopha (hlophiso ya mantswe le ditshwantsho)
Pehelo ya molomo ya moithuti
Diforomo tsa hlahlobo tse ka sebediswang Tlhatlhobo ya temana e buuwang:
puisano ya sehlopha pehelo ya molomo ya moithuti
Mehlodi Tsebiso ya dipuisano tsa sehlopha
Ditshwantsho
Pampiri e loketseng ya ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata, le sekgomaretsi
Mosebetsi ona ka tlhatlhobo le kutlwisiso ya setshwantsho. Titjhere o thusa hore sehlopha se utlwisise mareo a matjha. Ho tea mohlala (tikoloho, maikutlo, melao ya bophelo le MOHATO WA phedisano le moruo). Baithuti jwale ba tla sebetsa ka dihlopha ho hlahloba le ho utlwisisa ditshwantsho le ho etsa setshwantsho se entsweng ka dipampiri tse ngata. Mona ho lokisetswa pehelo ya molomo ya moithuti e tla hlahlojwa.
MOKGWA WA HO RUTA
: Titjhere o tataia ka puisano ya sehlopha (metsotso e 30) Mosebetsi wa 1: Leqephe la 12 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti
Ho tataisa ka ho hlalosa moelelo wa mantswe ao ba ka a sebedisang ho hlalosa ditshwantsho, ho tea mohlala, tikoloho, maikutlo, MOHATO WA phedisano le moruo. Baithuti ba ngole tlotlontswe e ntjha setshwantshong se dibukeng tsa bona .
Kopa baithuti ho qala ka ho bokella ditshwantsho dimakasineng le dikoranteng moo ho bontshwang dikamano teng (e seng ha kaalo ditshwantsho tsa lelapa):
o setshwantsho sa dipampiri tse ngata o pehelo ya bona ya molomo.
: Dipuisano tsa molomo hora e le 1 metsotso e 30 Mosebetsi wa 2: Leqephe la 13 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti
Arola phaposi ka dihlopha tse 6-8 tsa baithuti.
Ka morao Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moituti ho na le ditshwantsho tse nne tse fapaneng tsa thuto ena. Efa sehlopha ka seng setshwantsho se fapaneng. Diphaposing tse kgolwanyane, dihlopha tse ngata di tla be di buisana ka setshwantsho se le seng.
Baithuti ba buisana le ho utlwisisa ditshwantsho ka ho inahanela ba sebedisa dipotso tse latelang e le tataiso Dibukeng tsa Mosebetsi leqepheng la 13. Baithuti ba tlameha ho ngola ho arabela ha sehlopha dikgeong tse teng.
Buisanang ka tlhophiso ya setshwantsho ka ho hlalosa moo batho ba beilweng teng setshwantshong
Ke mang/ bomang ba leng bohareng ba setshwantsho?
Ke dintlha dife tse re tlamang hore mahlo a rona a tsepame hodima motho eo?
Ke maikutlo afe a hlahiswang ke batho ba setshwantshong, ho tea mohlala, thabo, tlhonamo, ho sithabela, tebello, ho befelwa. Fana ka mabaka mabapi le karabo ya hao.
Papiso ya ditshwantsho tse pedi:
Ditshwantshong tse pedi batla dintho tse tshwanang le tse sa tshwaneng.
Ditshwantshong tse pedi ke sefe se o bolellang ka bophelo ba batho?
Ditshwantshong tse pedi ke sefe se o bolellang ka MOHATO WA moruo a batho?
Dihlopha di fana ka dihlooho tse loketseng ditshwantshong tseo ho fanweng ka tsona.
Dihlopha di a behela sehlopha ditaba ka bokgutshwane, di hlalosa dintlha tse ileng tsa qoqwa tse tsamaelanang le setshwantsho sa sehlopha sa bona le tseo tse tsamaelanang le papiso. Pehelo ena e ka etswa ke ditho tsa dihlopha ka ho fapana.
Tlhatlhobo ya ho phehisa ha moithuti ka mong sehlopheng.(matshwao a 10 )
Tlhatlhobo ena e tla shebana le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1
Baithuti ba etsa ba be ba buisane ka moelelo le kutlwisiso.
AC 1 : Moelelo wa sethatho o etswa ka ditemana tsa moithuti ka mong.
AC 4 : Moelelo o ba teng ka lebaka la tshebedisano le basebedisi ba puo.
AC 8 Puisano eo ho fanweng mabaka ka yona ka kutlwisiso, mme moelelo o a hodiswa.
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 2 baithuti ba bontsha ho tebisa maikutlo ka tshebediso ya puo
AC 6: Ditshwantsho le tseo e seng tsa ditshwantsho tsa ditemana di a hlwauwa ebe di a hlahlojwa.
Ela hloko hore baithuti ba kgona ho etsa tse latelang le mefuta ya dipolelo:
Ho bua ka seo ba se nahanang
Ho hlahisa maikutlo a matjha puisanong
Ho hlahisa le ho hlalosa mohopolo wa bona
Ho arabela mehopolo ya ba bang
Ho kopanya mehopolo ya bona le ya ba bang
Ho laola le ho tswela pele ka ho bua
Ho hlahisa ditshisinyo hore puisano e tswele pele
Ho ithuta difoto/ditshwantsho le ho hlahloba maikutlo, maemo le maikemisetso.
Ho bapisa ditemana le ho hlahloba botebo ba ditshwantsho le tseo e seng ditshwantsho ho tse ding ho e na le ho tse ding.
Ka nako ya puisano ya sehlopha ke taba ya bohlokwa ho:
Potoloha le ho hlokomela phehiso ya moithuti ho ya ka sehlopha.
Ho hlahloba moithuti ho ya ka tse latelang
Phehiso le puisano e nang le molemo puisanong (matshwao a 5)
Bokgoni ba ho hlalosa mohopolo le ho hlahisa ditshisinyo ho ya ka tlhatlhobo ya tse bonwang (matshwao a 5)
Lokisetsa buka ya ho hlokomela ka nako ( jwalo ka mehlala e ka tlase mona)
Ngola tlhatlhobo ena le ha kwana ditlhokomelo di le mmalwa feela.
Lebitso
Fana ka matshwao a fellang ka a 10
: Ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata Hora e le 1 Mosebetsi wa 3: leqephe la 15 Dibukeng tsa Mosebetsi wa Moithuti
Ho rala ha dihlopha setshwantsho sa dipampiri tse ngata se bontshang dikamano tse ntle le tse mpe ka ho sebedisa ditshwantsho tseo baithuti ba ileng ba di bokellela mosebetsi ona. (Hopotsa baithuti ho bolokela setshwantsho pehelo ya molomo ya moithuti) Setshwantsho se seng le se seng sa dipampiri tse ngata se tlameha ho ba boholo ba A4.
Setshwantsho sa dipampiri tse ngata se tlameha ho bontsha phapang e totobetseng mabapi le dikamano tse ntle le tse mpe.
Disebediswa ditshwantshong tsa dipampiri tse ngata e ka ba diralwa, ditshwantsho, mantswe a sehilweng dikoranteng, dimakasine kapa dintho tse ding tse iqapetsweng tse hlophisitsweng ka boinahanelo ho fana ka mohopolo o bonahalang.
Baithuti ba kenyeletse le dipolelo tse hapang tsa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata tse ka sehellwang dimakasineng kapa tsa ngolwa ho kgabisa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata.
Ho tea mohlala; ?Motswalle wa ka ya nang le PHAMOKATE, e sa ntse e le motswallle wa ka?.
Ha ho etswa pehelo sehlopheng ditho tsohle tsa sehlopha di fane ka nako e fapaneng ya ho bua dintlha tse itseng tsa setshwantsho sa dipampiri tse ngata.
HLOKOMELA : Sehlopha ka seng se tla fuwa nako ya metsotso e 2-3 ya ho etsa pehelo.
Bapatsa ditshwantsho tsa dipampiri tse ngata ka phaposing e le hore baithuti ba di hlahlobe. Baithuti ba kgetha setshwantsho sa dipampiri tse ngata se fihletseng sepheo ka ho fetisa.
: Pehelo ya molomo ya moithuti ka mong (dihora tse 2: mitsotso o le1 ho isa ho metsotso e 2 mothuti ka mong ) (Mosebetsi wa 4: Leqephe la 17 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti)
Baithuti ba bue motho a le mong puo e lokiseditsweng motsotso o 1 ho ya ho e 2 e tswa ho temana ya ditshwantsho ka dikamano.
Baithuti ba sebedisa ditshwantsho tseo ba di tlisitseng pejana ho rala puo ya bona ho ya ka moralo o latelang le dipotso tse tataisang:
Ho tsebiswa puo
Dikamano
Buisanang ka dikamano setshwantshong
Tikoloho
Qoqang ka tikoloho eo dikamano di leng ho yona
Maikutlo
O nahana hore maikutlo a setshwantsho ke afe?
Lelapa le phedisano
Ke melao efe ya lelapa le ya phedisano eo o ka e hlwayang setshwantshong?
MOHATO WA phedisano le moruo le dintlha tse ding tsa bohlokwa
Na o nahana hore MOHATO WA phedisano le moruo e ama dikamano? Ha ho le jwalo, jwang?
Temana e qetellang e hlahisang maikutlo hobaneng ha kamano e le ntle kapa e le mpe
Ha eba baithuti ba kgethile kamano e mpe ba hlahise maikutlo a matle a tla rarolla mathata qetellong
Tlhatlhobo ya pehelo ya molomo ya moithuti ka mong (matshwao a 20)
Tlhatlhobo ena e tla shebana le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1
Baithuti ba tla etsa ba be ba buisane ka moelelo le kutlwisiso
AC 1: Moelelo wa sethatho o ba teng ka lebaka la ditemana ka motho.
Hlahloba bokgoni ba moithuti ho bontsha mesebetsi e latelang le dipolelo tsa mefuta e fapaneng:
Baithuti ba tla etsa moelelo ka ho
Fana ka pehelo ya molomo
Tlhatlhobo ena e tla shebana le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 2
Baithuti ba tla bontsha ho tseba ka ho lekola tshebediso ya puo
AC 6: Tse bonwang le tse sa bonweng tsa ditemana di a hlwauwa di be di hlahlojwe.
Hlahloba bokgoni ka ho bontsha mesebetsi e latelang le dipolelo tse fapaneng:
Baithuti ba tla:
Ithuta difoto/ditshwantsho le ho hlahloba maikutlo, mokgwa le maikemisetso o bapisa ditemana o be o hlahlobe ho sebetsa ha tse bonwang le tse sa bonweng ho e le nngwe jwalo ka ha e se ho tse ding.
Tlhatlhobo ena e tla shebana le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7
Baithuti ba tla sebedisa mekgwa ya puisano e loketseng mabapi le sepheo se itseng le maemo
AC 5: Bopaki ba tse latelang bo bontshitswe:
o sebopeho sa hlophiso o pehelo e hlakileng o mehopolo e iqapetsweng o tshebediso e nepahtseng ya puo o tlhokomelo ya MOHATO WA hodimo a pehelo
Hlahloba bokgoni ba baithuti ho bontsha mesebetsi e latelang le mefuta ya dipolelo:
Baithuti ba tla bontsha puo e lokiseditsweng:
o sebopeho sa tlhophiso o pehelo e hlakileng o mehopolo e iqapetsweng o tshebediso e nepahetseng ya puo o tlhokomelo ya MOHATO WA hodimo wa pehelo
Sebedisa rubiriki e latelang ho hlahloba pehelo ya molomo ya moithuti. (matshwao 20)
HLOKOMELA: Hlokomela hore baithuti ba tseba mekgwa ya ho hlahloba pele ba qeta thuto ena.
RUBIRIKI YA PEHELO YA MOLOMO YA MOITHUTI
Mekgwa ya ho hlahloba(matshwao a 20)
MOHATO WA 4
MOHATO WA 3
MOHATO WA 2
MOHATO WA 1
Sebopeho
Sebopeho se ikgethileng sa dikarolo tse 3; selelekela se hohelang; qetello e ka sebetsang.
Ha ho na sebopeho se ikgethileng.
Ho utlwisisa ntlha ho tse bonwang ka ho araba dipotso
Kutlwisiso e phethahetseng ka dintlha ka dintho tse bonwang ka ho araba dipotso kaofela hantle
Kutlwisiso ya boholo ba dintlha tse tse ka bonwang ka ho araba dipotso tse ngatanyana hantle
Kutlwisiso ya dintlha tse ding ya tse tla bontshwa ka ho araba dipotso tse ding
Kutlwisiso ya dintlha e nyenyane haholo ho dintho tse tla bontshwa ka ho araba dipotso tse se kae kappa tse mmalwa
Puisano
Lentswe le hlakileng; pehelo ka lentswe le utlwahalang; pehelo e hlwahlwa ya mehopolo; ho ba le kamano le bamamedi ha ho behwa ditaba; tse ka bontshwang di sebediswa hantle ho tshehetsa taba.
Lentswe le hlakileng; pehelo ka lentswe le utlwahalang; pehelo ya mehopolo e batlang e kgotsofatsa; kamano le bamamedi, empa e sa kgotsofatse ka mehla; tse bontshwang di sebediswa hantle ho tshehetsa taba.
Dintlha di a behwa, empa ha di a hlaka ha kaalo; ho qeaqea ho etsa hore bamamedi ba be le bothata ba ho utlwisisa; ho sheba bamamedi mahlong ha ho buuwa ho a fokola; ho ba le boitshwaro bo sitisang ho mamela se buuwang. Tse tla bontshwa di sebediswa hantle .
Lentswe le sa utlwahaleng le kamano le bamamedi e tlase haholo; mofutswela feela wa ho beha dintlha; ho ba le dintho tse sitisang ho mamela ka lebaka la ho se tsetse ha sebui; ho behwa ha ditaba ha ho utlwahale le dintlha ha di latelane ka tatelano e utlwahalang. Tse tla bontshwa ha di sebediswe hantle hohang feela.
Sebopeho sa puo le tshebediso ya puo
Tshebediso e ntlentle ya tlotlontswe; sebopeho sa polelo le tshebediso ya sebopeho sa puo e be e ntle; ho leka ka matla ho sebedisa tlotlontswe le dipolelo tse thata.
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe, sebopeho sa polelo le tshebediso ya sebopeho sa puo e nepahetseng; katleho e seng kae ya ho leka dipolelo le tlotlontswe e thata
Tshehdiso e batlileng e eba ntle ya ho sebedisa sebopeho sa puo, sebopeho sa polelo; tlotlontswe e seng kaalo; ho ba boima ho ka bua hantle;ha ho na biteko bo matla ba ho sebedisa dipolelo le tlotlontswe e ntjha .
Tshebediso e swabisang ya sebopeho sa puo, sebopeho sa dipolelo le tlotlontswe, mokgwa o bohlaswa wa ho sebedisa dipolelo le tlotlontswe e ntjha ? pehelo e sa lohehang hantle.
Kgetho e ntle, e tsepamisitsweng hodima kamano, e se be mofutswela, e be e bobebe hore bamamedi ba ka tseba ho iketsetsa boikgathelo, e be e bobebe, empa e ka sebediswa
Kgetho entle e tsepamisitsweng hodima dikamano, e se be mofutswela, ho batla ho le boimanyana ho fumana seo ho buuwang ka sona hantle (dintlha di le ngata haholo,/e sa hlaka)
Kgetho e lekaneng; tsepamiso e a bonahala , empa ha e a hlaka ha kaalo, ho boima ho ka utlwisisa dintlha tsa bohlokwa ( dintlha di ngata haholo/ ha di utlwahale/)
Kgetho e mpe ya setshwantsho eo e leng hore e na le dintlha tse ngata kapa tse nyenyane haholo ho hlakisa tsepamiso ya maikutlo.
MOSEBETSI 4: MOKGWA WA TSHEBETSO HA HO NGOLWA/ BOIQAPELO HA HO NGOLWA
KABO YA NAKO: dihora tse 4
KABO YA MATSHWAO: matshwao a 40 (matshwao a 20 mabapi le puisano ya batho ba babedi e ngotsweng, matshwao a 20 ya lengolo la setswalle la moithuti)
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG
Ditlamorao tsa Bohlokwa tse tla hlahlojwa:
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1 AC 1, 9
DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7 AC 2, 5
Mefuta ya dithuto Mokgwa wa tshebetso wa ho ngola/ Boiqapelo ha ho ngolwa
Puisano ka phaposing
Puisano ya sehlopha
Pehelo
Ho ngola ha moithuti a le mong ka mokgwa wa tshebetso:
Puisano ya batho ba babedi
Puisano ya sehlopha le phuputso e nyenyane
Ho ngola ha moituthi a le mong:
Lengolo la setswalle
Puisano ya ba babedi e ngotsweng
Lengolo la setswalle
Mehlodi: Temana ya lengolo la setswalle
Thuto ena e qetellang e sebedisa mohlala wa lengolo la motswadi ya ferekaneng a le ngolla makasine wa batjha a kopa thuso. Baithuti ba sebetsa ka dihlopha ho lekola moo ho nang le qhwebeshano le mokgwa wa ho rarolla mathata ao ebe ba fuputswa ho se hokae ka bo bona. Baithuti ka bobona ba ngola puisano ya batho ba babedi e kgutshwane, mme ba laolwa, ebe ho ngolwa lengolo la setswalle.
MOKGWA WA HO RUTA
: Diuisano tsa sehlopha/ phaposi hora e le 1 Mosebetsi wa 1: leqephe la 19 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti
Sehlopha se a bala ebile le qoqa ka lengolo (metsotso e 10)
Balla sehlopha lengolo. Hlalosa hore batho ba bangata ba ngolla sekgutlwaneng sa ?Agony Aunt? dimakasineng ho kopa thuso ka mathata a bona a bophelo..
Lekola hape mokgwa le mantswe a sebedisitsweng ho ngola lengolo la setswalle.
Batho ba bangata ba ngolla sekgutlwana sa ?Agony Aunt? dimakasineng tsa batjha ba batla thuso ya ho ka rarolla mathata a bona hore ba phele hantle. Lena ke lengolo le tswang ho motswadi ya kopang keletso ya ka moo a ka phedisanang le batjha ba babedi ba hae, mme o arajwa ke ?Aunt Sarah?.
Qotso ena e tswa lengolong le ngolletsweng makasine wa ?SHE?:
Ako nthuse hle. Ekaka ke a hlanya jwale ke hloka keletso ya hao.
Mohatsa ka o sa tswa hlokahala dilengwaneng tse mmalwa tse fetileng, mme a ntshiya hore ke hlokomele batjha ba babedi ba rona. Jwale ba a hola ebile ha ba sa mmamela hohang feela kapa le ho etsa seo ke ba laelang sona. Ke leka ka matla ho ba etsetsa tsohle, empa re dula feela re omana.
Seabata, e leng e moholo, o na le dilemo tse 17 ebile o mohatong wa 11. O tla feela hae ho tla ja le ho tla robala. Ha a thuse ka letho lapeng kapa hona ho mpha tjhelete le ha a sebetsa ka Moqebelo. Ha a iphe nako e lekaneng ya ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng, mme ke ngongorehile haholo hobane selemo se tlang, ha a sa bale, ha a na ho pasa materike. O ne a atisa ho ba ngwana ya kgatahallang, empa jwale o fetohile. Ha ke rate le metswalle eo a tsamayang le yona. Ba mo tlwaeditse dintho tse mpe.
Athe ha e le moradi wa ka yena, Mosela, o na le dilemo tse 14 feela, empa o se a batla ho apara le ho phela jwalo ka motho ya dilemo di mashome a mabedi. O dulela ho kopa tjhelete feela hore a ithekele dintho tseo a di batlang; seo a nahanang feela ka sona ke bashanyana. O dula a buletse seyalemoya se tidinya letsheare lohle ? mme o utlwa bohloko ha ke mo kopa hore a e theolele tlase. Hantlentle o ye a be a kgene, a be a nkgarumela ha ke mmotsa hore o tswa kae kapa o ne a etsang. O dulela ho ipelaetsa ka hore ha a tshwarwa hantle hobane ha ke mo dumelle ho etsa ka moo Seabata a etsang ka teng, empa ha a elellwe hore Seabata o moholwanyane ho yena ebile ke moshanyana.
Ka nnete ha ke sa kgona. Ke fihla hae ke tswa mosebetsing ke kgathetse ebe jwale ke tlameha ho shebana le masawana ana a bona. Ke a utlwisisa hore ha ho monate hore ba lahlehelwe ke ntate ba le banyenyane jwalo, empa le nna ho ntse ho se monate feela jwalo.
Ke a kopa hle hore le mpolelle hore ke fositse kae.
Ke nna
Babadi ba rona
Puisano ya sehlopha (metsotso e 30)
Dihlopheng baithuti ba buisana ka dikahare tsa lengolo, ba hlwaya moo ho nang le mathata teng le qhwebesano ho :
mme le moradi mme le mora
Baithuti ba ngola mehopolo ya bona ba sebedisa mmapa wa monahano ho tea mohlala kgetho ya metswalle kgetho ya diaparo
Pehelo (metsotso e 20 )
Baithuti ba behela sehlopha sohle ditaba ba sebedisa mmapa wa monahano. Tataisa baithuti hore ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa tsa qhwebesahno tse hlahisitsweng lengolong:
Ho tea mohlala mathata a ho ba motswadi ya mong kgetho ya diaparo kgetho ya metswalle boikarabelo ba batjha ho hloka tlhompho ho batswadi ho se tshwarwe hantle ka lebaka la bong ho labalabela ho ikemela
Baithuti ba ngola ditaba tsena dibukeng tsa bona tsa mosebetsi e le hore ba tle ba di sebedise phuputsong e nyenyane e latelang.
Ho ngola ha moithuti ka mokgwa wa tshebetso: Puisano ya batho ba babedi hora e le 1 Mosebetsi wa 2: leqephe la 22 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti
Mabapi le mosebetsi ona baithuti ba ngola puisano ya batho ba babedi ya mela e 15- 20 ya mme le Seabata kapa Mosela :
Seabata o tla lapeng esale ka madungwadungwana ha esale a tswile bosiu bohle a sa bolella mmae.
Puisano ya batho ba babedi ya A:
Mme: Seabata, na ke wena ka nnete ya tlileng haet?
Seabata : E,ke fihlile hae!
Mme: ???.
KAPA
Mosela o batla ho tswa bosiu le motswalle eo mmae a sa e tsebeng.
Puisano ya batho ba babedi ya B:
Mme : Tumisang ke mang? Le ya kae?
Mosela: ??
Puisanong ya batho ba babedi
Sebui ka seng se tlameha ho bua makgetlo a tsheletseng bonyane
Ho se arajwe ka lentswe le le leng feela ? baithuti ba ngole puisano tswelang pele
Baithuti ba hlokomele hore ba sebedise puo e nepahetseng le mokgwa wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Tlhatlhobo ya puisano ya batho ba babedi e ngotsweng matshwao a 20
Tlhatlhobo ena e shebane le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1
Baithuti ba etsa ebile ba buisana ka moelelo le kutlwisiso
AC 1 : Moelelo wa sethatho o ba teng ka lebaka la ditemana tsa motho.
AC 9: Puisano e tswela pele.
Hlokomela bokgoni ba baithuti ho bontsha seo ba se etsang se latelang le nefuta e fapaneng ya dipolelo:
Baithuti ba tla etsa moelelo ka ho:
Ngola puisano ya batho ba babedi le ho buisana
Tlhatlhobo ena e shebane le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7:
Baithuti ba sebedisa mekgwa ya puisano e nepahetseng mabapi le dipheo tse itseng le MOHATO WA ditaba
AC 5 : Ho be le bopaki ba tse latelang:
o sebopeho sa tlhophiso o pehelo e hlakileng o boiqapelo ba mehopolo o tshebediso ya puo e nepahetseng o tlhokomelo ya MOHATO WA pehelo
Hlokomela bokgoni ba baithuti ho bontsha seo ba se etsang se latelang le nefuta e fapaneng ya dipolelo:
Baithuti ba ngole puisano ya batho ba babedi e bontshang :
o sebopeho sa tlhophiso o pehelo e hlakileng o boiqapelo ba mehopolo o tshebediso ya puo e nepahetseng
RUBIRIKI YA PUISANO YA BATHO BA BABEDI E NGOTSWENG matshwao a 20
Mekgwa ya ho hlahloba matshwao a 20
MOHATO WA 4
MOHATO WA 3
MOHATO WA 2
MOHATO WA 1
Tshebediso e nepahsteng ya mokgwa wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Tshebediso ya mokgwa o nepahetseng wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Tshebediso e lokileng haholwanyane ya mokgwa wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Tshebediso e ka amohelwang e lokile ya mokgwa wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Tshebediso e fokolang ya mokgwa wa ho ngola puisano ya batho ba babedi
Ntshetsopele ya puisano e tswelang pele (puisano ya batho ba babedi)
Ntshetsopele e ntlentle e tswelang pele le tshebediso ya mabaka ka taba e ka sehloohong eo ho buuwang ka yona e utlwahala
Tshebediso e ntle e tswelang pele le tshebediso ya mabaka ka taba e ka sehloohong eo ho buuwang ka yona
Ho na le se bontshang hore ntshetsopele ya ho beha mabaka ho sa kgaotswe e teng sehloohong sa se buuwang; mona le mane ho na le se utlwahalang
Bofokodi bo boholo ba ho ntshetsa pele tshebediso ya mabaka a teng sehloohong sa se buuwang; ha ho na bopaki ba letho mabakeng ao ho fanwang ka ona
Tshebediso ya sebopeho sa puo
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe; mopeleto, sebopeho sa dipolelo le tshebediso e nepahetseng ya sebopeho sa puo
Tshebediso e ntle ya tlotlontswe. Mopeleto, sebopeho sa dipolelo le tshebediso e nepahetseng ya sebopeho sa puo
Tshebediso e batlang e nepahatse ya sebopeho sa puo; sebopeho sa dipolelo, mopeleto, mme tlotlontswe e batla e nepahetse.
Boiqapelo ba mehopolo
Boiqapelo bo botle haholo le kgetho ya mehopolo ya pehelo
Boiqapelo bo kgotsofatsang le kgetho ya mehopolo ya pehelo
Tshebediso e batlang e nepahetse ya mantswe ho hlahisa maikutlo a sebui
Ha ho na boiqapelo le letho; pehelo e fokolang
Ho hlaka ha pehelo ya ditaba, maikutlo le boitshwaro
Tshebediso e ntle haholo ya mantswe ho hlahisa maikutlo a tshwanelang se buuwang, mme a hlahisa maikutlo a amohelwang ke sebui
Tshebediso e ntle ya mantswe e hlahisang maikutlo a sebui
Bofokodi bo boholo ba kgetho ya mantswe ho hlahisa maikutlo a sebui
Puisano ya Sehlopha/ phuputso e nyenyane (hora e le 1) (Mosebetsi wa 2: leqephe la 24 Dibukeng tsa Mosebetsi tsa Moithuti)
Arola baithuti dihlopha tse 6- 8. Sehlopha ka seng se kgetha karolo ya qhwebeshano e ileng ya hlwauwa pejana lengolong leo ba le ngotseng dibukeng tsa bona tsa mosebetsi tsa moithuti ka mong. Setho ka seng sa sehlopha se fuputsa sehlooho sena ka ho botsa batswadi ba bona/ bahlokomedi ba bona le metswalle hore ba nahanang ka taba ena le hore ba ka e rarolla jwang. Baithuti ba ka botsa dipotso tse kang:
Na o nahana hore batjha ba dumellwe ho apara ka moo ba ratang ka teng?
Taba ena ha e a rerelwa hore e be phuputso e telele e batlang dipuisano le batho tse hlophisitsweng ho ya ka boithuti kapa e ngotsweng. Moithuti e mong le e mong o hloka feela ho buisana le motswadi a le mong/ mohlokomedi a le mong le motswalle a le mong kapa ba babedi.
Ha re kgutleleng phaposing, efa sehlopha ka seng leqetswana la pampiri, mme o ba kope hore ba ngole dikarabo tsa bona, ka ho latelana, dikholomong tse tharo kareteng tsa bona. Hlalosetsa baithuti hore ba ka qoba ho ipheta jwang.
Tabataba ya qhwebeshano: ho kgetha diaparo
Seo batswadi/bahlokomedi ba se nahanang
Re nahanang
Mekgwa ya ho rarolla qaka
Ke na le tokelo ya ho bolella ngwana ka wa motjha hore a apare eng ha eba e le nna ya lefang
Batswadi ba senya tjhelete ka dintho tse ding ? ho na le hore ba nthuse hore ke reke diaparo tse shebehang
Nka iphumanela mosebetsi wa nakwana ebe ke ke ithekela diaparo tsa ka
Pehelo
Dihlopha di rala pehelo ya tsona ya ditaba ka ho kgetha setho se le seng sa sehlopha hore se buelle sehlopha. Kgetha:
Ntlha e le nngwe ya notswadi
Ntlha e le nngwe ya motjha
Mokgwa o le mong oo qhwebeshano e ka rarollwang ka teng
Sehlopha se seng le se seng se beha ditaba ka ho sebedisa karete ya sona e le moralo. Pehelo ya ditaba e etswe ka dipolelo tse felletseng.
Etsa hore ho be le nako e kgutshwane ya puisano ka mora pehelo e nngwe le e nngwe.
Ho iqapela mosebetsi o ngolwang: Lengolo la setswalle (ho sebetswa ka taolo) (hora e le 1)
Baithuti ba ngolla Sarah lengolo la setswalle ba araba kopo ya hae, fana ka maikutlo a titjhere o be o tataise hore ho etsweng ha ho qetwa. Dimmapa tsa monahano tse ileng tsa ngolwa le dikarete di thusa ka tlotlontswe ha lengolo la boiqapelo le ka sebediswa ho fana ka mokgwa wa ho ngola.
Hang feela ha baithuti ba ngotse moralo wa pele wa lengolo la bona, ba le bale ka hloko hore ba tle ba le lokise
Hlwaya o be o lokise diphoso tsa mopeleto, sebopeho sa puo jj.
Ntlafatsa kgetho ya bona ya mantswe/dipolelwana ebe o a fetola
Eketsa tse siilweng
Baithuti ba ngola hape lengolo la bona le lokisitswe.
Tlhatlhobo ya lengolo la setswalle la moithuti (matshwao a 20)
Tlhatlhobo ena e shebane le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 1
Baithuti ba etsa ebile ba buisana ka moelelo le kutlwisiso
AC 1 : Moelelo wa sethatho o ba teng ka lebaka la ditemana tsa motho
Tlhatlhobo ena e shebane le DITLAMORAO TSE IKGETHILENG 7
Baithuti ba sebedisa mekgwa ya puisano e nepahetseng mabapi le dipheo tse itseng le MOHATO WA ditaba
AC 5 : Ho be le bopaki ba tse latelang:
o sebopeho sa tlhophiso o pehelo e hlakileng o boiqapelo ba mehopolo o tshebediso ya puo e nepahetseng o tlhokomelo ya MOHATO WA pehelo
Hlokomela bokgoni ba baithuti ho bontsha seo ba se etsang se latelang le nefuta e fapaneng ya dipolelo:
Baithuti ba ngole lengolo la setswalle le bontshang :
o sebopeho sa tlhophiso o pehelo e hlakileng o boiqapelo ba mehopolo o tshebediso ya puo e nepahetseng o tlhokomelo ya MOHATO WA pehelo o bokgoni ba ho lokisa moralo
RUBIRIKI YA LENGOLO LA SETSWALLE (matshwao a 20)
Mekgwa ya ho hlahloba matshwao a 20
MOHATO WA 4
MOHATO WA 3
MOHATO WA 2
MOHATO WA 1
Ho bua le ho beha mabaka ka ho utlwahala
Ho ngola le ho tshetleha ka mehopolo hantle
Ho ngola le ho tshetleha mehopolo ka mokgwa o kgotsofatsang
Ho ngola mohopolo, empa ho hlokehe dintlha tsa ho tiisa taba hantle
Ho ngola mehopolo kappa ho tshehetsa mopolo wa mongodi
Ho ngola dipolelo ho sebdiswa puo e lokileng, mopeleto le matshwao a puo
Ho hahwa dipolelo ka ho sebedisa puo e nepahetseng, mopeleto le matshwao a puo.
Ho hahwa dipolelo ho sebediswa haholo puo e lokileng , mopeleto le matshwao a puo
Ho haha dipolelo ho e na le diphoso tse ngata puong, mopeletong le matshwaong a puo
Puo e sa lokang, mopeleto le matshwao a puo a sistisang haholo kaho ya dipolelo
Bokgoni ba hlahloba puo sebediswang ho sebediswa mefuta e mengata ya tlotlontswe
Ho sebediswa mefuta e fapaneng ya tlotlontswe puong e sebediswang
Ho sebediswa mefuta e fapaneng ya tlotlontswe puong e sebediswang
Ho sebediswa tlotlontswe e haellang puong e sebdiswang
Ho sebediswa tlotlontswe e haellang haholo puong e sebediswang
Bopaki ba selelekela, mmele le qetello
Ho ngolwa selelekela se phethahetseng, mmele le qetello di ngotswe ho ya ka dikahare le momahano ya dintlha
Ho ngolwa selelekela se kgotsofatsang, mmele le qetello ho ya ka dikahare le momahano ya dintlha
Selelekela, mmele le qetello ha di kgotsofatse ho ya ka dikahare le momahano ya dintlha
Ho ngola ho hloka ho arolwa ho ya ka selelekela, mmele le qetello ho ya ka dikahare le momahano ya dintlha
Ho lokisa le ho hlaola diphoso
Bopaki bo hlakileng ba ho lokisa le ho hlaola diphoso
Bopaki bo ipetsang mona le mane ba tokiso le ho hlaola diphoso
Bopkai bo fokolang ba tokiso le ho hlaola diphoso
Bopaki ha bo yo kapa bo bonyenyane ba ho lokisa le ho hlaola diphoso
MEMORANDAMO MABAPI LE DIPOTSO TSA SEHLOPHA HA SE ARABELA TEMANA
Thuto ya 2 Leqephe la 12 Bukakgakollo ya Titjhere
Hlalosa dipolelo tse latelang ho ya ka tshebediso ya khathunu:
Araba dipotso tse latelang tse tswang khathunung:
Sheba diforeime tse nne tse qalang tsa pele tsa khathunu o hlokomela puo e ngotsweng le boitshwaro. Dintlha tsena di hlalosang ka kamano ya Dennis le mmae?
Mme o na le mamello e kgolo ho Dennis.
KAPA
KAPA
Dennis o tseba hore mmae o tla mo fa menyetla e mengata.
Ntata Dennis o hlatswa dijana ka kitjhining. O nahang ka taba ya hore monna wa lelapa a hlatswe dijana?
Ke a dumela. Banna ba tlameha ho thusa moo ba ka thusang teng lapeng
KAPA
Ha ke dumele. Banna ha ba a thswanela hobane ke bona ba phedisang lelapa.
Ke eng e bontshang foreimeng ya 6 hore mme ha a kgathalle ha kaalo tshoso e teng foreimeng ya 5?
O a tsheha.
Hlwaya mefuta e fapaneng ya matshwao a puo e sebediswang ha ho buuwa khathunung.
Le tshwao la makalo/letshwao la potso /feelwana/ditsejana/kgutlo
Foreimeng ya 5 ho sebedisistwe letshwao la makalo. Kgetha lenaneng ka tlase mona hore mosebetsi wa letshwao lena la makalo ke ofe.
Sepheo sa ho ngola ka mongolo o moholo ke sefe foreimeng ya 5?
Sepheo sa ho ngola ka mongolo o moholo ke ho matlafatsa se bolelwang; e bontsha lentswe le matla le letenya.
Hobaneng ha lentswe lena?hape? le ngotswe ka ho ntshofatswa, mme le na le sepheo sefe?
Mme o bolella Dennis hore ke ka makgetlo a mararo a ileng a mo bolella hore a hlapele dijo tsa bosiu. Hona ho mo etsa hore a etse ho hong qetellong.
Ngola polelo ya pele ya foreime ya 1 ka puo ya mophethedi jwalo ka ha eka o ne o behela motho e mong ditaba.
Mme o bolelletse Dennis ka makgetlo a mararo hore a hlapele dijo tsa bosiu.
